Sony ST25i User Manual

Page of 157
Sesotho
Mmotlolo ona o ikamahanya le
melawana ya matjhaba e mabapi le
kgahlamelo ya maqhubu a radio
Selfounu ya hao e romela le ho amohela maqhubu a radio. E
bopetswe ho se fete meedi ya kgahlamelo ya maqhubu a radio e
kgothaletswang ke melawana ya matjhaba. Melawana ena e ne e
thehilwe ke mokgatlo wa tsa mahlale wa matjhaba o ikemetseng
(ICNIRP) mme e kenyeletsa meedi ya polokeho e reretsweng ho
netefatsa tshireletso ya batho bohle, ho sa natswe dilemo le
maemo a bophelo bo botle.
Bakeng sa sesebediswa se bolokwang mmeleng, selfounu ena
e entswe diteko mme e phethahatsa melawana ya kgahlamelo ha
e sebediswa le sesebediswa se kathoko se se nang tshepe mme
behang semamedi sa tsebeng thoko le mmele ka bonyane 15
mm. Tshebediso ya disebediswa di sele e ka nna ya se netefatse
boikamahanyo le melawana e laolang kgahlamelo ya maqhubu a
radio.
Melawana e sebedisa yuniti ya tekanyo e bitswang Specific
Absorption Rate, kapa SAR Moedi wa SAR bakeng sa diselfounu
ke 2 W/kg mme boleng bo phahameng ka ho fetisisa ba SAR
bakeng sa selfounu ena ha e etswa teko tsebeng e ne ele
1.62 W/kg (10g)*. Hobane dislefounu di fana ka lethathama la
ditshebetso tse fapaneng, di ka sebediswa dibakeng tse ding tse
fapaneng, jwalo ka mmeleng. Maemong ao selfounu e behilweng
mmeleng ka kotloloho, boleng ba SAR bo phahameng ka ho
fetisisa bo entsweng diteko ke 1.09 W/kg (10g)*.
Hobane SAR e methwa ka ho sebedisa matla a phahameng ka
ho fetisisa a fetiswang ke selfounu, SAR ya nnete ya selfounu
ena ha e sebediswa e katlase ho e bontshitsweng kahodimo
mona. Sena ke ka lebaka la diphetoho tse iketsang boemong ba
matla a fono ho netefatsa hore e sebedisa boemo bo hlokehang
feela ba matla ho fihlella netweke.
24
This is an Internet version of this publication. © Print only for private use.