Superior W200 User Manual

Page of 91
75
Ho kganna
Ka kopo hlahloba hore na melao le melawana di thibela tshebediso ya 
difono ha o qhoba kapa e hloka hore baqhobi ba sebedise ‘handsfree 
solutions’. Re kgothaletsa hore o sebedise feela ‘Sony Ericsson 
handsfree solutions’ e reretsweng tshebediso mmoho le sehlahiswa 
sa hao. 
Ka kopo hlokomela hore ka lebaka la kgonahalo ya tshitiso ya thepa 
ya elektroniki, baetsi ba bang ba makoloi ba thibetse tshebediso ya 
diselfounu makoloing a entsweng ke bona ntle le haeba 'handsfree 
kit’ ya lenakana (antenna) la kantle e kentswe.
Kamehla fadimehela ka ho tlala ho qhoba ha hao mme o ntshe koloi 
tseleng le ho e paka pele o etsa kapa o araba call haeba maemo a ho 
qhoba a hloka jwalo.
Di-call tsa tshohanyetso
Difono tsa tseleng tse sebedisang matshwao a radio, di ke ke tsa 
fana ka tiisetso ya kgokelo tlasa maemo ohle. Ka hona le ka mohla 
ha o a lokela ho itshetleha hodima selfounu efe kapa efe bakeng sa 
dikgokahano tsa bohlokwa (jwalo ka maemong a tshohanyetso a tsa 
bongaka).
Di-call tsa tshohanyetso di ka nna tsa se ke tsa kgona ho etswa 
dibakeng tsohle, ho mefuta ya dinetweke tsa diselfounu kaofela 
kapa ha ditshebeletso tse itseng tsa maqhubu le/kapa ditshebetso 
tse itseng tsa fono di le tshebetsong. Batla tlhalosetso ya sena ho 
mofani wa hao wa ditshebeletso.
Lenakana
Fono ena e na le lenakana le aheletsweng ho yona. Tshebediso ya 
manakana a sa dumellwang kapa a sa rekisweng ke Sony Ericsson 
bakeng sa mmotlolo ona wa fono e ka senya selefounu ya hao, ya 
fokotsa matla a tshebetso ya yona, ya fana ka maemo a SAR a ka 
hodimo ho meedi e behilweng (sheba ka tlase mona).
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.