Superior W200 Manuel D’Utilisation

Page de 91
3
Sony Ericsson
GSM 900/1800/1900
Bukana ena ya mosebedisi e phatlaladitswe ke Sony Ericsson Mobile 
Communications AB kapa khamapani ya heno e sebeletsanang le yona, 
ntle ho tiisetso ya letho. Dintlafatso le diphetoho tse bukaneng ena ya 
mosebedisi tse bakwang ke diphoso tsa ho thaepa, ho se nepahale 
ha tlhahiso-leseding ya morao-rao, kapa dintlafatso mananeong, 
le/kapa thepeng ya tshebetso, di ka etswa ke Sony Ericsson Mobile 
Communications AB kapa khamapani ya heno e sebeletsanang le 
yona nako efe kapa efe ntle ho tsebiso. Diphetoho tseo, le ha ho le 
jwalo, di tla kenyeletswa dikgatisong tse ntjha tsa Bukana ena ya 
mosebedisi.
Ditokelo tsohle di sireleditswe ka molao.
©Sony Ericsson Mobile Communications AB, 2006
Nomoro ya phatlalatso: ST/LZT 108 9094 R1A 
Ka kopo hlokomela: Tse ding tsa disthebeletso tse Bukaneng ena 
ya mosebedisi ha di tshehetswe ke maqhubu ohle. Sena se boetse 
se ama Nomoro ya GSM ya Matjhaba ya Tshohanyetso ya 112 
(GSM International Emergency Number 112).
Ka kopo ikopanye le molaodi wa maqhubu wa hao haeba o na le 
kgwao mabapi le hore na o ka sebedisa tshebeletso e itseng kapa tjhe.
Ka kopo bala dikgaolo tse mabapi le Ditaelo bakeng sa tshebediso 
e bolokehileng mme e molemo le Tiisetso e Behetsweng Moedi pele 
o sebedisa fono ya hao.
Ditshwantsho tsohle di reretswe tlhakisetso feela mme ha di bontshe 
saese e nepahetseng ya founu.
O ka fumanatshehetso, tlhahisoleseding le dikahare tse jarollwang 
ho www.sonyericsson.com/support.
Fono ya hao e na le bokgone ba ho jarolla, ho boloka le ho fetisa 
dikahare, jwalo ka medumo e llang. Tshebediso ya dikahare tse 
jwalo e ka fokotswa kapa ya thibelwa ke ditokelo tsa batho babang 
ba ka thoko, ho keneyeletswa empa e seng feela thibelo e etswang 
tlasa melao e amehang ya kopiraete. Wena, e seng Sony Ericsson, 
o ikarabella ka ho phethahala bakeng sa dikahare tsa tlatsetso tseo 
o di jarollelang kapa ho di fetisetsa fonong ya hao. Pele o sebedisa 
kapa o dikahare dife kapa dife tsa tlatsetso, ka kopo netefatsa hore 
tshebediso eo o ikemiseditseng ho e etsa e fuwe laesense e 
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.