Superior W200 Manuale Utente

Pagina di 91
81
O fuwa laesense ena bakeng sa nako eo Sesebediswa sena se 
ntseng se sebetsa hantle. O ka fedisa laesense ena ka ho fetisetsa 
ditokelo tsohle tsa hao Sesebedisweng seo o amohetseng Software 
ena ho sona ho motho e mong ka mongolo. Haeba o hloleha ho 
ikamahanya le pehelo efe kapa efe hara dipehelo tse hlalositsweng 
laesenseng ena, e tla fediswa hang hang. 
Sony Ericsson le bafepedi ba yona ka thepa ba ka thoko ke bona 
feela beng ba Software ena ka ho kgetheha mme ba na le ditokelo 
tsohle, leruong la thepa ya Software ena le ditabatabelong tse hodima 
Software ena le tse mabapi le yona. Sony Ericsson, le, ho fihla moo 
Software e nang le thepa kapa khoutu ya batho ba kathoko, batho 
ba jwalo ba kathoko, e tla ba majalefa a kathoko a nang le ditokelo 
dipehelong tsena. 
Tumello, tlhopho le tshebetso ya laesense ena di tla laolwa ke melao 
ya Sweden. Se hlalositsweng kahodimo mona se tla ama kahohle 
hohle ka moo molao o dumellang ka teng, ha ho hlokeha, ditokelo 
tsa bareki. 
Tiisetso e Behetsweng moedi
Sony Ericsson Mobile Communications AB, S-221 88 Lund, 
Sweden, (Sony Ericsson), kapa khampani ya heno e sebeletsang 
le yona e fana ka Tiisetso e Behetsweng moedi bakeng sa fono 
ya hao le disebediswa tse tlileng le yona ha e rekwa (seo ho tloha 
mona se tla bitswa ‘‘Sehlahiswa’’).
Haeba Sehlahiswa sa hao se hloka tokiso tlasa tiisetso, ka 
kopo se kgutlisetse ho morekisi eo se rekilweng ho yena, kapa 
ikopanye le setsi sa Sony Ericsson Call Center se haufi le wena 
(ditefiso tse akaretsang naha di ka sebediswa) kapa etela 
www.sonyericsson.com.
Tiisetso ya rona
Ho ipapisitswe le dipehelo tsa Tiisetso ena e Behetsweng Moedi, 
Sony Ericsson, Sweden e fana ka tiisetso hore Sehlahiswa sena 
ha se na mathata a moetso, thepa e se entseng kapa a tshebetso 
ya ho se etsa ka nako ya theko ya sona ke moreki, le nakong ya 
selemo se le seng (1) kamorao ho moo.
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.