Superior W200 用户手册

下载
页码 91
5
tsela efe kapa efe ho tjhetjhisa ka boenjineri (reverse) mahlale 
ana a khompthuta. Mahlale a khomphuta a keke a hiriswa, 
a fanwa, kapa a fanwa ho beng ba dilaesense ba banyane, 
ekaba tsohle kapa dikarolwana.
2 Melawana ya Thomelo ntle: Mahlale a khomphuta (software), 
ho kenyeletswa data ya setegeniki, a itshetlehile hodima melao 
ya taolo ya thomelo ntle ya U.S., ho kenyeletswa U.S. Export 
Administration Act le melawana e amanang le yona, mme a ka 
angwa ke melawana ya kamohelo ya diromelwa ntle naheng 
kapa thomelo-ntle ya dihlhiswa dinaheng tse ding. Moreki o 
dumela ho ikamahanya kahohle hohle le melawana e jwalo mme 
o amohela hore o na le boikarabello ba ho fumana dilaesense 
bakeng sa ho thomelo-ntle, kapa kamohelo ya diromelwa ntle 
tsa Mahlale (Software). Mahlale a khomphuta (software) a keke 
a jarollwa, kapa a romelwa hape (i) naheng kapa ho moahi wa, 
Cuba, Iraq, Iran, North Korea, Lybia, Sudan, Syria (mme lenane 
lena le tla hlahlojwa nako le nako) kappa naha efe kapa efe eo 
U.S. e phatlaladitseng thibelo ya thomelo ya thepa; kapa (ii) 
ho mang kapa mang ya hlahellang Lenaneng la Dinaha tse 
Tshwaetsweng Dithibelo ke U.S.Treasury Department kapa 
Dikotlo tsa Dithibelo tse entsweng ke Lefapha la Kgwebo la U.S. 
3 Ditokelo tse thibetsweng: Tshebediso, ketso-botjha kapa 
phatlalatso ke mmuso wa United States e itshetlehile hodima 
dithibelo tse behilweng ho Technical Data le Computer Software 
Clauses ho DFARS 252.227-7013(c) (1) le FAR 52.227-19(c) (2) ka 
tsela eo di amehang. 
Karolo ya mahlale (software) a sehlahisweng sena a sireleditswe 
ke molao wa kopiraete wa © SyncML initiative Ltd. (1999-2002). 
Ditokelo tsohle di sireleditswe ka molao.
Dikhampani tse ding tse etsang dihlahiswa le mabitso a dihlahiswa 
di ka nna tsa eba matshwao a kgwebo a beng ba dikhampani tseo. 
Ditokelo dife kapa dife tseo ebang ha di a fanwa mona ka ho qaqa 
di sireleditswe ka molao.
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.